Esekiele 29:17-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng, ka kgwedi ya pele, ka la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

18. Mora motho, Nebukadresare, morena wa Babilona, o sebedisitse makgotla a hae mosebetsi o moholo Tire; dihlooho tsohle di phumuhile ke hona, mahetla wohle a phumuhile selota; mme hona teng Tire, yena le makgotla a hae ha ha ka ba bona moputso le o mong wa mosebetsi oo ba o sebeditseng teng.

19. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Bonang, ke tla nea Nebukadresare, morena wa Babilona, naha ya Egepeta; o tla tlosa bongata ba batho teng, a hape kgapo ya teng, a ye le seo a se tlatlapileng, mme hoo e tla ba moputso wa makgotla a hae.

20. Moputso wa hae oo a o sebeleditseng, ke tla mo nea Egepeta, ka baka la seo ba ntshebeleditseng ka sona: ho rialo Morena Jehova.

21. Mohlang oo, ke tla medisetsa ntlo ya Iseraele lenaka, mme wena, ke tla o nea molomo o ahlamileng hara bona, hore ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.

Esekiele 29