Esekiele 29:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa leshome, ka kgwedi ya leshome, ka letsatsi la leshome le metso e mmedi la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

2. Mora motho, o retelletse Faro, morena wa Egepeta, sefahleho sa hao, o porofetele yena le naha yohle ya Egepeta.

3. Bua, o re: Morena Jehova o re: Bona, Faro, morena wa Egepeta, ke tla o futuhela, wena kwena e kgolo e bothileng mahareng a dinoka tsa hao, o reng: Noka ya ka ke ya ka ruri, ke nna ke iketseditseng yona.

4. Ke se ke ya kenya leutlana mehlahareng ya hao, ke etse hore dihlapi tsa dinoka tsa hao di kgomarele makgapetla a hao, ke o honyolle dinokeng tsa hao, dihlapi tsohle tsa dinoka tsa hao di kgomaretse makgapetla a hao.

5. Ke tla o lahlela lefeelleng, wena le dihlapi tsohle tsa dinoka tsa hao; o tla wela masimong; ha o ka ke wa phuthwa, leha e le ho bokellwa, mme ke tla o neela dibatana tsa naha le dinonyana tsa lehodimo, ho ba dijo tsa tsona.

6. Baahi bohle ba Egepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, hobane e ne e le tshiya ya lehlaka ho ntlo ya Iseraele;

Esekiele 29