6. ka baka leo, Morena Jehova o re: Erekaha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le pelo ya modimo,
7. bona, ke tla o tlisetsa baditjhaba, ba thata hara ditjhaba; ba tla tsomola marumo a bona ho senya bohlale bo botle ba hao, ba silafatse bokgabane ba hao;
8. ba tla o lahlela sehokong, mme o tla shwa lefu la ba hlabilweng bodibeng ba mawatle.
9. Na o tla re, o modimo, mahlong a ya tlang ho o hlaba? Athe o motho, ha o modimo, tlasa letsoho la ya o hlabang.
10. O tla shwa lefu la maqai ka matsoho a baditjhaba; ke nna ke boletseng tseo: ho rialo Morena Jehova.
11. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:
12. Mora motho, etsa pina ya kodiyamalla ka morena wa Tire, o re ho yena: Morena Jehova o re: O ne o iponahaditse hoba o phethehile, o ne o tletse bohlale, o phethehile ka botle.
13. O ne o le Edene, tshimong ya Modimo; o ne o apesitswe ka mahakwe wohle a mefuta, a bohlokwa, e leng rubise, topase, daemane, krisolithe, onikse, jaspe, safire, karbunkele, emerauta le kgauta. Ha hao, ho ne ho lokisitswe tshebetso ya meropa le ya diphala, haesale o hlaha.
14. O ne o le kerubime e dipheo tse otlolohileng, ya mosireletsi; ke ne ke o beile joalo, o ne o le thabeng e halalelang ya Modimo, o ne o tsamaya majweng a benyang.
15. O nnile wa tsamaya ka metsamao e phethehileng, haesale o hlaha, ho fihlela ha bokgopo bo fumanwa ho wena.
16. Ka boholo ba kgwebo ya hao o tlatsitse bothata ha hao, mme o entse sebe; ka ba ka o leleka thabeng ya Modimo, ka ho re, o mohlompholli; ke o timeditse, wena kerubime ya mosireletsi, o le majweng a benyang.
17. Pelo ya hao e ne e ikgohomositse ka botle ba hao, o ne o bodisitse bohlale ba hao ka baka la bokgabane ba hao; ke o dihetse fatshe ke hona, ke o beile pela marena ho hoboswa.
18. Ka bongata ba melato ya hao le ka bokgopo ba kgwebo ya hao o silafaditse dihalalelo tsa hao. Ke hona ke ntshitseng ho wena mollo o tla o tjhesa, mme ke tla o etsa thotobolo ya molora lefatsheng pela bohle ba o bonang.
19. Baditjhaba bohle ba neng ba tsebana le wena, ba tla makala ka wena; o entswe lefeela, mme ha o sa tla ba teng le ka mohla o le mong.
20. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:
21. Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa Sidone, o mo porofetele,
22. o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla o futuhela, Sidone, ke itlotlise ka wena. Ho tla tsejwa hoba ke nna Jehova, mohla ke mo hlahisetsang dikahlolo, ke iektsang ya kgethehileng ka yena.
23. Ke tla mo neela lefu la sewa le madi diterateng tsa hae; ba bolawang ba tla wa ho yena ka lerumo le tla mo tlela le etswa nqa tsohle, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.