4. ka bohlale ba hao le ka kelello ya hao, o ithuetse matlotlo, o bokeletse kgauta le silefera dipolokelong tsa hao;
5. ka boholo ba bohlale ba hao, le ka kgwebo ya hao, o atisitse leruo la hao, mme pelo ya hao e ikgohomositse ka mafumo a hao;
6. ka baka leo, Morena Jehova o re: Erekaha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le pelo ya modimo,
7. bona, ke tla o tlisetsa baditjhaba, ba thata hara ditjhaba; ba tla tsomola marumo a bona ho senya bohlale bo botle ba hao, ba silafatse bokgabane ba hao;
8. ba tla o lahlela sehokong, mme o tla shwa lefu la ba hlabilweng bodibeng ba mawatle.
9. Na o tla re, o modimo, mahlong a ya tlang ho o hlaba? Athe o motho, ha o modimo, tlasa letsoho la ya o hlabang.
10. O tla shwa lefu la maqai ka matsoho a baditjhaba; ke nna ke boletseng tseo: ho rialo Morena Jehova.
11. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:
12. Mora motho, etsa pina ya kodiyamalla ka morena wa Tire, o re ho yena: Morena Jehova o re: O ne o iponahaditse hoba o phethehile, o ne o tletse bohlale, o phethehile ka botle.
13. O ne o le Edene, tshimong ya Modimo; o ne o apesitswe ka mahakwe wohle a mefuta, a bohlokwa, e leng rubise, topase, daemane, krisolithe, onikse, jaspe, safire, karbunkele, emerauta le kgauta. Ha hao, ho ne ho lokisitswe tshebetso ya meropa le ya diphala, haesale o hlaha.
14. O ne o le kerubime e dipheo tse otlolohileng, ya mosireletsi; ke ne ke o beile joalo, o ne o le thabeng e halalelang ya Modimo, o ne o tsamaya majweng a benyang.
15. O nnile wa tsamaya ka metsamao e phethehileng, haesale o hlaha, ho fihlela ha bokgopo bo fumanwa ho wena.
16. Ka boholo ba kgwebo ya hao o tlatsitse bothata ha hao, mme o entse sebe; ka ba ka o leleka thabeng ya Modimo, ka ho re, o mohlompholli; ke o timeditse, wena kerubime ya mosireletsi, o le majweng a benyang.
17. Pelo ya hao e ne e ikgohomositse ka botle ba hao, o ne o bodisitse bohlale ba hao ka baka la bokgabane ba hao; ke o dihetse fatshe ke hona, ke o beile pela marena ho hoboswa.