1. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:
2. Mora motho, ere ho morena wa Tire: Morena Jehova o re: Erekaha pelo ya hao e ikgohomositse, mme o itse: Ke modimo, ke dutse teroneng ya modimo, mahareng a mawatle! athe o motho, ha o modimo, leha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le ya modimo;
3. bona, o hlalefile ho feta Daniele, ha ho lekunutu le patehileng ho wena;
4. ka bohlale ba hao le ka kelello ya hao, o ithuetse matlotlo, o bokeletse kgauta le silefera dipolokelong tsa hao;
5. ka boholo ba bohlale ba hao, le ka kgwebo ya hao, o atisitse leruo la hao, mme pelo ya hao e ikgohomositse ka mafumo a hao;
6. ka baka leo, Morena Jehova o re: Erekaha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le pelo ya modimo,
7. bona, ke tla o tlisetsa baditjhaba, ba thata hara ditjhaba; ba tla tsomola marumo a bona ho senya bohlale bo botle ba hao, ba silafatse bokgabane ba hao;
8. ba tla o lahlela sehokong, mme o tla shwa lefu la ba hlabilweng bodibeng ba mawatle.
9. Na o tla re, o modimo, mahlong a ya tlang ho o hlaba? Athe o motho, ha o modimo, tlasa letsoho la ya o hlabang.
10. O tla shwa lefu la maqai ka matsoho a baditjhaba; ke nna ke boletseng tseo: ho rialo Morena Jehova.
11. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re: