8. Ba ahileng Sidone le Arfade e ne e le bona basoki ba hao; ha eno, Tire, ho ne ho ena le ba bohlale ba hao; e ne e le bona batsamaisi ba hao.
9. Ha eno, o ne o na le baholo ba Gebale le ba bohlale ba thibang mapetso a hao; ha eno, ho no ho ena le dikepe tsohle tsa lewatle, le batho ba tsona, ho tla sebetsa kgwebo ya hao.
10. Makgotleng a hao, ho no ho ena le Bapersia, le Balude, le Baputhe, bao e neng e le bahlabani ba hao; ha eno ba ne ba fanyeha thebe le heleme; ke bona bao e neng e le bokgabane ba hao.
11. Bana ba Arfade hammoho le makgotla a hao ba ne ba eme marakong a hao kahohle; diqhenqha di ne di le ditoreng tsa hao, di fanyehile dithebe tsa tsona marakong a hao kahohle; ke tsona tse neng di phethisisa botle ba hao.
12. Tarshishe o ne a hweba le wena ka mesebetsi e mefutafuta; ba teng ba ne ba anaya tsa hao ka silefera, le tshepe, le tine, le loto.
13. Jafane, Tubale le Mesheke le bona ba ne ba hweba le wena, ba tlisitse meya ya batho le mesebetsi ya koporo ho rekisa ka yona.
14. Ba tswang tlung ya Togarma ba ne ba ananya tsa hao ka dipere, le bapalami, le diesele.
15. Bana ba Dedane ba ne ba hweba le wena; dihlekehleke tse ngata di ne di le matleng a hao ho hweba le wena, di o lefa ka meno a ditlou le motsweri.
16. Baarame ba ne ba hweba le wena ho reka mesebetsi ya hao e mengata, ba ananya tsa hao ka karbunkele, le sekarelata, le masela a homilweng, le lene, le dikorale, le dirubise.
17. Le Bajuda le ba naha ya Iseraele ba ne ba hweba le wena le bona, ba ananya tsa hao ka koro ya Minnithe, le maqebekwane, le dinotshi, le ole, le balsame.
18. Ba Damaseka ba ne ba hweba le wena, ba reka mesebetsi ya mefutafuta ka veine ya Helbone, le boya bo benyang.
19. Bafedane le Bajafane ba ne ba ananya tsa hao ka masela a lohilweng, tshepe e kgabisitsweng, kassia, le lehlaka le nkgang hamonate di le teng ho tseo o hwebang ka tsona.
20. Dedane o ne a ananya tsa hao ka mephoso e etsang ditleleki tsa ho palama.
21. Baarabia, le marena wohle a Kedare le bona ba ne ba le matleng a hao ho hweba le wena, ba rekisa ka dikonyana, le dipheleu, le diphooko.
22. Bahwebi ba Sheba le ba Raema le bona ba ne ba hweba le wena, ba ananya tsa hao ka dinoko tse kgethehileng, le mahakwe a mefutafuta, le kgauta.
23. Karane, le Kanne le Edene, le bahwebi ba Sheba, le Baassiria, le Bakilmade, ba ne ba hweba le wena.
24. Ba ne ba hweba le wena lepatlelong la hao la thekiso ka dikgabiso, le dimantlele tsa purepera, le masela a homilweng, le matlole a tletseng masela a bekenyang, a tlamilweng, a tiisitsweng ka mehala.
25. Dikepe tsa Tarshishe di ne di sebedisa kgwebo ya hao. Ke kahoo o enneng, o bileng o itlotlisitse hara bodiba ba mawatle.
26. Empa basoki ba hao ba o isitse metsing a maholo; moya wa botjhabela o o robile hara bodiba ba mawatle.