Esekiele 27:32-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. dillong tsa bona, ba tla o binela kodiyamalla, ba tla bina kodiyamalla, ba re: Ke ofe motse o neng o le jwaloka Tire, jwaloka motse wona o seng o timetse hara lewatle?

33. O ne o kgorisa ditjhaba tse ngata ka tsa kgwebo ya hao tse tswang mawatleng; o ne o entsha marena a lefatshe, ka bongata ba mesebetsi ya hao le ba kgwebo ya hao.

34. Jwale, haele mona o bolailwe, o bile o timeletse mawatleng, o tebile madibeng a metsi, kgwebo ya hao le matshwele wohle a neng a le ha hao, di timetse le wena.

35. Bohle ba ahileng dihlekehlekeng ba tshohile ka wena; marena a bona a qhaqhasela ke ho tshoha, difahleho tsa wona di a tlakasela.

36. Haele bahwebi ba ditjhaba tse ding, ba tea melodi ka wena; o entswe lefeela, mme ha o sa tla ba teng le ka mohla o le mong.

Esekiele 27