Esekiele 27:3-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Wena ya dutseng dikgorong tsa lewatle, ya hwebang le ditjhaba tsa dihlekehleke tse ngata, Morena Jehova o re: Oho Tire, o ne o re: Ke phethehile botleng.

4. Meedi ya hao e bodibeng ba mawatle. Dihahi tsa hao di o entse botle bo phethehileng.

5. Di hahile mahlakore a hao ka dikiprese tsa Senire, di nkile dikedare tsa Lebanone ho etsa sefate sa hao sa dikepe;

6. di entse masokwana a hao ka dieike tsa Bashane; ditulo tsa hao di di entse ka dinaka tsa ditlou tse hometsweng difateng tsa bokise tsa dihlekehleke tsa Kittime.

7. Ka lene e ntle e homilweng ya Egepeta o ne o entse masela a hao le folaga ya hao, purepera le sekarelata sa dihlekehleke tsa Elisha o di nketse masela a hao a dilepello.

8. Ba ahileng Sidone le Arfade e ne e le bona basoki ba hao; ha eno, Tire, ho ne ho ena le ba bohlale ba hao; e ne e le bona batsamaisi ba hao.

9. Ha eno, o ne o na le baholo ba Gebale le ba bohlale ba thibang mapetso a hao; ha eno, ho no ho ena le dikepe tsohle tsa lewatle, le batho ba tsona, ho tla sebetsa kgwebo ya hao.

10. Makgotleng a hao, ho no ho ena le Bapersia, le Balude, le Baputhe, bao e neng e le bahlabani ba hao; ha eno ba ne ba fanyeha thebe le heleme; ke bona bao e neng e le bokgabane ba hao.

11. Bana ba Arfade hammoho le makgotla a hao ba ne ba eme marakong a hao kahohle; diqhenqha di ne di le ditoreng tsa hao, di fanyehile dithebe tsa tsona marakong a hao kahohle; ke tsona tse neng di phethisisa botle ba hao.

12. Tarshishe o ne a hweba le wena ka mesebetsi e mefutafuta; ba teng ba ne ba anaya tsa hao ka silefera, le tshepe, le tine, le loto.

13. Jafane, Tubale le Mesheke le bona ba ne ba hweba le wena, ba tlisitse meya ya batho le mesebetsi ya koporo ho rekisa ka yona.

Esekiele 27