Esekiele 27:18-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ba Damaseka ba ne ba hweba le wena, ba reka mesebetsi ya mefutafuta ka veine ya Helbone, le boya bo benyang.

19. Bafedane le Bajafane ba ne ba ananya tsa hao ka masela a lohilweng, tshepe e kgabisitsweng, kassia, le lehlaka le nkgang hamonate di le teng ho tseo o hwebang ka tsona.

20. Dedane o ne a ananya tsa hao ka mephoso e etsang ditleleki tsa ho palama.

21. Baarabia, le marena wohle a Kedare le bona ba ne ba le matleng a hao ho hweba le wena, ba rekisa ka dikonyana, le dipheleu, le diphooko.

22. Bahwebi ba Sheba le ba Raema le bona ba ne ba hweba le wena, ba ananya tsa hao ka dinoko tse kgethehileng, le mahakwe a mefutafuta, le kgauta.

23. Karane, le Kanne le Edene, le bahwebi ba Sheba, le Baassiria, le Bakilmade, ba ne ba hweba le wena.

24. Ba ne ba hweba le wena lepatlelong la hao la thekiso ka dikgabiso, le dimantlele tsa purepera, le masela a homilweng, le matlole a tletseng masela a bekenyang, a tlamilweng, a tiisitsweng ka mehala.

25. Dikepe tsa Tarshishe di ne di sebedisa kgwebo ya hao. Ke kahoo o enneng, o bileng o itlotlisitse hara bodiba ba mawatle.

26. Empa basoki ba hao ba o isitse metsing a maholo; moya wa botjhabela o o robile hara bodiba ba mawatle.

27. Mesebetsi ya hao le dikananyo tsa hao, batho ba dikepe tsa hao le batsamaisi ba tsona, ba thibang mapetso a dikepe tsa hao, ba o sebedisang kgwebo ya hao, le bahlabani bohle ba hao ba leng ha eno, hammoho le matshwele wohle a hao a leng ha eno, ba tla wela bodibeng ba mawatle tsatsing la ho wa ha hao.

28. Ka modumo wa mehoweletso ya batsamaisi ba dikepe tsa hao, mabopo a tla reketla,

29. bohle ba sokang ka masokwana, le batho ba dikepe, le batsamaisi ba tsona, ba tla theoha dikepeng tsa bona, ba eme fatshe.

30. Ba tla lla ka wena, ba bokolle habohloko, ba ithuntshe dihlooho ka lerole, ba bidikane moloreng.

31. Ba tla ipeola dihlooho ka wena, ba ikgahlole ka masela a mahwashe; ba tla o llela ka pelo tse babang, ba etse bofifi bo bohloko;

32. dillong tsa bona, ba tla o binela kodiyamalla, ba tla bina kodiyamalla, ba re: Ke ofe motse o neng o le jwaloka Tire, jwaloka motse wona o seng o timetse hara lewatle?

Esekiele 27