Esekiele 27:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

2. Oho mora motho, o phokolele Tire kodiyamalla, o re ho Tire:

3. Wena ya dutseng dikgorong tsa lewatle, ya hwebang le ditjhaba tsa dihlekehleke tse ngata, Morena Jehova o re: Oho Tire, o ne o re: Ke phethehile botleng.

4. Meedi ya hao e bodibeng ba mawatle. Dihahi tsa hao di o entse botle bo phethehileng.

5. Di hahile mahlakore a hao ka dikiprese tsa Senire, di nkile dikedare tsa Lebanone ho etsa sefate sa hao sa dikepe;

6. di entse masokwana a hao ka dieike tsa Bashane; ditulo tsa hao di di entse ka dinaka tsa ditlou tse hometsweng difateng tsa bokise tsa dihlekehleke tsa Kittime.

7. Ka lene e ntle e homilweng ya Egepeta o ne o entse masela a hao le folaga ya hao, purepera le sekarelata sa dihlekehleke tsa Elisha o di nketse masela a hao a dilepello.

8. Ba ahileng Sidone le Arfade e ne e le bona basoki ba hao; ha eno, Tire, ho ne ho ena le ba bohlale ba hao; e ne e le bona batsamaisi ba hao.

9. Ha eno, o ne o na le baholo ba Gebale le ba bohlale ba thibang mapetso a hao; ha eno, ho no ho ena le dikepe tsohle tsa lewatle, le batho ba tsona, ho tla sebetsa kgwebo ya hao.

10. Makgotleng a hao, ho no ho ena le Bapersia, le Balude, le Baputhe, bao e neng e le bahlabani ba hao; ha eno ba ne ba fanyeha thebe le heleme; ke bona bao e neng e le bokgabane ba hao.

11. Bana ba Arfade hammoho le makgotla a hao ba ne ba eme marakong a hao kahohle; diqhenqha di ne di le ditoreng tsa hao, di fanyehile dithebe tsa tsona marakong a hao kahohle; ke tsona tse neng di phethisisa botle ba hao.

Esekiele 27