Esekiele 25:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

2. Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa ho bana ba Ammone, o ba porofetele;

3. o re ho bana ba Ammone: Mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re: Erekaha o itse: Haiaha! ka sehalalelo sa ka mohla se silafatswang, le ka lefatshe la Iseraele mohla le etswang nahathothe, le ka ba ntlo ya Juda mohla ba iswang kgolehong,

4. ka baka leo, bona, ke tla o neela ho ruwa ke bana ba Botjhabela; ba tla bea metebo ya bona ha eno, ba hlome meaho ya bona ha eno; ke bona ba tla ja ditholwana tsa hao, ba nwe lebese la hao.

5. Ke tla etsa Rabba makgulo a dikamele, naha ya bana ba Ammone e be metebo ya dinku; le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

6. Hobane Morena Jehova o re: Erekaha o opile ka diatla le ho tila ka leoto, mme wa thabela kgeso ya lefatshe la Iseraele ka moya wohle wa hao,

Esekiele 25