1. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:
2. Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa ho bana ba Ammone, o ba porofetele;
3. o re ho bana ba Ammone: Mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re: Erekaha o itse: Haiaha! ka sehalalelo sa ka mohla se silafatswang, le ka lefatshe la Iseraele mohla le etswang nahathothe, le ka ba ntlo ya Juda mohla ba iswang kgolehong,
4. ka baka leo, bona, ke tla o neela ho ruwa ke bana ba Botjhabela; ba tla bea metebo ya bona ha eno, ba hlome meaho ya bona ha eno; ke bona ba tla ja ditholwana tsa hao, ba nwe lebese la hao.
5. Ke tla etsa Rabba makgulo a dikamele, naha ya bana ba Ammone e be metebo ya dinku; le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.
6. Hobane Morena Jehova o re: Erekaha o opile ka diatla le ho tila ka leoto, mme wa thabela kgeso ya lefatshe la Iseraele ka moya wohle wa hao,
7. ka baka leo, bona, ke tla o otlollela letsoho la ka, ke tle ke o neele ho rusolelwa ke ditjhaba, ke o kgaole hara ditjhaba, ke o timetse dinaheng tsohle; ke tla o fedisa, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.
8. Morena Jehova o re: Erekaha Moabe le Seire ba itse: Bonang, ntlo ya Juda e tshwana le ditjhaba tsohle;
9. ha ho le jwalo, bona, ke tla phetla lehlakore la Moabe, ho tloha metseng ya hae e pheletsong ya hae, e etsang naha botle: Bethe-Jeshimothe, Baale-Meone, le ho ea fihla Kiriathaime;
10. ke ya le phetlela bana ba Botjhabela ba futuhelang bana ba Ammone, ke tla ba neela lona ho ruwa ke bona, hore ho se ke ha hlola ho hopolwa bana ba Ammone hara ditjhaba,
11. mme ke tla hlahisetsa Moabe dikahlolo tsa ka, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.
12. Morena Jehova o re: Erekaha Baedomo ba entse phetetso e thata ka ntlo ya Juda, ba ikentse molato haholo ka ho iphetetsa ho yona,