14. Nna, Jehova, ke boletse; taba tseo di a tla, ke tla di etsa le hona; nke ke ka latola molato, leha e le ho qenehela, mme nke ke ka sutha. O tla ahlolwa ka metsamao ya hao le ka diketso tsa hao: ho rialo Morena Jehova.
15. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:
16. Mora motho, bona, ka lefu le sehlooho ke tla o amoha se ratwang ke mahlo a hao. O se ke wa lla, leha e le ho bokolla, meokgo ya hao e se ke ya keleketla.
17. O fehelwe o ntse o kgutsitse; o se ke wa etsa bofifi ba bafu; o nne o rwale moqhaka, o rwale le dieta tsa hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao, mme o se ke wa ja bohobe ba bofifi.
18. Eitse hosasa, ka bolella setjhaba, mme mantsiboya, mosadi wa ka a timela; hosasane, ka etsa kamoo ke neng ke laetswe kateng.
19. Setjhaba sa re ho nna: Na o ke ke wa re qaqisetsa seo taba tseo di re tshwantshetsang sona na, ha o etsa tse jwalo?
20. Yaba ke re ho bona: Lentswe la Jehova le ntletse, la re:
21. Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.