Esekiele 24:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka selemo sa boroba mono o le mong, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

2. Mora motho, ingolle lebitso la letsatsi lona lena: kajeno lena, morena wa Babilona o patela Jerusalema.

3. O ke o behele ntlo ya bahanyetsi papiso, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tlhatleha pitsa mollong, o e tlhatlehe, o e tshele metsi.

4. O tle o kgabele disuma tsa nama ho yona, e leng dikoto tsohle tse monate, serope le letsoho; e tlatse masapo a moko.

5. Ho kgethwe ho dinku tse ntle, ho bewe qubu ya patsi tlasa yona ho apela masapo; a e ke e bele le ho tsapola, le wona masapo a ke a apehwe.

6. Ho jwalo, Morena Jehova o re: Jo! motse oa madi! ke pitsa e mafome, eo mafome a yona a sa tloheng. E tshole ka disuma tsa yona; ho se ke ha laolwa.

7. Hobane madi a tsholotsweng ke motse oo a teng hara wona, o a beile lefikeng le hlobotseng; ha o a ka wa a tshollela fatshe, ho a apesa ka lerole.

8. Ka hore kgalefo e nyolohe, hore ke iphetetse ho wona, ke kahoo ke beileng madi a wona lefikeng le hlobotseng, hore a se ke a apeswa.

9. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Jo! motse wa madi! Le nna ke tla etsa qubu ya patsi.

Esekiele 24