7. Bohloleng ba hae, a ineela batho bao kaofela ha bona e neng e le bakgethwa ho bana ba Assiria, a itshilafatsa ka bohle bao a neng a ba rata haholoholo, le ka ditshwantsho tsohle tsa bona.
8. Ka ho etsa jwalo, ha a ka a hloboha le bohlola boo a neng a bo entse le Baegepeta, mohla ba neng ba robale le yena botjheng ba hae, ha ba ne ba pholla matswele a hae e sa le kgarebe, ba mo tshollela bootswa ba bona.
9. Ke kahoo ke neng ke mo neela matsohong a barati ba hae, matsohong a bana ba Assiria, bao a neng a ba rata haholoholo.
10. Ba apola bofeela ba hae, ba nka bara le baradi ba hae, le yena ba mmolaya ka lerumo. A ba a nka botumo hara basadi, mohla ba phethang dikahlolo hodima hae.
11. Oholiba, ngwanabo, a bona hoo, mme a bodisa lerato la hae le leholo ho feta eo, a etsa bohlola bo fetang bootswa ba ngwanabo.
12. A ya, a rata bana ba Assiria haholo, e le babusisi le mahosana a neng a haisane le yena, e le ba apereng tsa bokgabane, bapalami ba kaletseng dipere, bahlankana ba ratehang kaofela ha bona.
13. Ka mmona ha a itshilafatsa, e le ka mokgwa o le mong ho bona ba babedi.
14. A mpa a ekeletsa bohlola ba hae; a bona banna ba tshwantshitsweng leboteng, ditshwantsho tsa Bakalde tse takilweng ka bofubedu,
15. ba ikgahlotse matheka ka dinyepa, ba rwetse meqhaka e lepeletseng dihloohong, bao e kang bahlabani kaofela ha bona; e ne e le ditshwantsho tsa bara ba Babilona, naheng ya Kalde, moo ba hlahileng teng;