36. Yaba Jehova o re ho nna: Mora motho, hleka o tla ahlola Ohola le Oholiba? Ha ho le jwalo, ba bolelle manyala a bona.
37. Hobane ba fela ba febile, mme madi a teng matsohong a bona; ba febile le ditshwantsho tsa bona, hape ba bile ba di jesitse bara ba bona bao ba neng ba ntswaletse bona.
38. Hape, ba nketseditse ho hong: ba silafaditse sehalalelo sa ka tsatsing leo, ba silafaditse le disabbatha tsa ka.
39. Enereha ba hlabela ditshwantsho tsa bona bara ba bona, tsatsing leo ba ne ba kena sehalalelong sa ka ho se silafatsa; ba entse jwalo tlung ya ka.
40. Hapehape ba rometse ho lata batho ba tswang hole; mme ka lenqosa e neng le rometswe ho bona, ba fela ba tla. O itlhatsweditse bona, o takile mahlo a hao, o ikgabisitse ka baka la bona;
41. wa ba wa dula malaong a bokgabane, ao pela wona ho neng ho beilwe tafole moo o beileng dibano tsa ka le ole ya ka.
42. Mme hona teng ho ne ho ena le modumo wa letshwele le dutseng le iketlile; hape, kantle ho batho ba neng ba etswa ditjhabeng, ho ne ho latilwe dinoi nahathothe; mme tsa ba rwesa mefitshana matsohong, le meqhaka ya kgabiso dihloohong.
43. Ha ke bolela mosadi eo ya tshofaditsweng ke bofebe ba hae, ke re: Na yena eo o sa tla batlwa bohlola na?
44. Ha uwa ho yena jwalokaha ho uwa ho mosadi wa seotswa; ha uwa jwalo ho Ohola le ho Oholiba, basadi bana ba dihlola.
45. Empa batho ba lokileng ba tla ba ahlola ka kahlolo ya basadi ba bafebi, le ka kahlolo ya ba tshollang madi; hobane efela ke bafebi, mme ho na le madi matsohong a bona.
46. Hobane Morena Jehova o re: Letshwele le ke le ba futuhele, ba neelwe ho hloriswa le ho tlatlapuwa.
47. Mme letshwele le tla ba tlepetsa ka majwe, le ba hlabe ka marumo; ba tla bolaya bara ba bona le baradi ba bona, ba tjhese matlo a bona.
48. Ke tla kgaoletsa bohlola lefatsheng, basadi bohle ba lauwe, ba tle ba se ke ba ya ka bohlola ba lona.
49. Ba tla busetsa molato wa bohlola ba lona ho lona, mme le tla jara kotlo ya dibe tseo le di entseng le ditshwantsho tsa lona, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.