Esekiele 23:34-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

34. O tla nwela ho wona, o be o o momone, o be o lome dikgaketla tsa wona, o be o harole matswele a hao; hobane ke nna Morena Jehova ke boletseng hoo.

35. Ha ho le jwalo, ho bolela Morena Jehova: Erekaha o ntebetse, mme o ntahletse kamora mokokotlo wa hao, jara, e le wena, molato wa bohlola ba hao le wa bootswa ba hao.

36. Yaba Jehova o re ho nna: Mora motho, hleka o tla ahlola Ohola le Oholiba? Ha ho le jwalo, ba bolelle manyala a bona.

37. Hobane ba fela ba febile, mme madi a teng matsohong a bona; ba febile le ditshwantsho tsa bona, hape ba bile ba di jesitse bara ba bona bao ba neng ba ntswaletse bona.

38. Hape, ba nketseditse ho hong: ba silafaditse sehalalelo sa ka tsatsing leo, ba silafaditse le disabbatha tsa ka.

39. Enereha ba hlabela ditshwantsho tsa bona bara ba bona, tsatsing leo ba ne ba kena sehalalelong sa ka ho se silafatsa; ba entse jwalo tlung ya ka.

40. Hapehape ba rometse ho lata batho ba tswang hole; mme ka lenqosa e neng le rometswe ho bona, ba fela ba tla. O itlhatsweditse bona, o takile mahlo a hao, o ikgabisitse ka baka la bona;

41. wa ba wa dula malaong a bokgabane, ao pela wona ho neng ho beilwe tafole moo o beileng dibano tsa ka le ole ya ka.

42. Mme hona teng ho ne ho ena le modumo wa letshwele le dutseng le iketlile; hape, kantle ho batho ba neng ba etswa ditjhabeng, ho ne ho latilwe dinoi nahathothe; mme tsa ba rwesa mefitshana matsohong, le meqhaka ya kgabiso dihloohong.

Esekiele 23