Esekiele 23:11-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Oholiba, ngwanabo, a bona hoo, mme a bodisa lerato la hae le leholo ho feta eo, a etsa bohlola bo fetang bootswa ba ngwanabo.

12. A ya, a rata bana ba Assiria haholo, e le babusisi le mahosana a neng a haisane le yena, e le ba apereng tsa bokgabane, bapalami ba kaletseng dipere, bahlankana ba ratehang kaofela ha bona.

13. Ka mmona ha a itshilafatsa, e le ka mokgwa o le mong ho bona ba babedi.

14. A mpa a ekeletsa bohlola ba hae; a bona banna ba tshwantshitsweng leboteng, ditshwantsho tsa Bakalde tse takilweng ka bofubedu,

15. ba ikgahlotse matheka ka dinyepa, ba rwetse meqhaka e lepeletseng dihloohong, bao e kang bahlabani kaofela ha bona; e ne e le ditshwantsho tsa bara ba Babilona, naheng ya Kalde, moo ba hlahileng teng;

16. a ba rata haholoholo ka ho ya ka seo mahlo a hae a neng a se bone, a romela manqosa ho bona naheng ya Kalde.

17. Yaba bara ba Babilona ba tla ho yena, diphateng tsa marato, ba mo silafatsa ka bootswa ba bona; le yena a silafatsana le bona, empa moya wa hae wa furallana le bona.

18. A hlanola bohlola ba hae, a apola bofeela ba hae, mme moya wa ka wa hlobohana le yena, jwalokaha moya wa ka o ne o se o hlobohane le ngwanabo.

19. A mpa a totisa bohlola ba hae, a ntse a eleletswe tshiu tsa botjha ba hae tsa mohla a etsang bohlola naheng ya Egepeta;

20. a rata baboki ba teng haholoholo bao nama ya bona e kang nama ya diesele, le mohlapo wa bona o kang mohlapo wa dipere.

21. Wa rata ho ya bona bohlola ba botjha ba hao ba mohla Baegepeta ba neng ba pholla sefuba sa hao, ka baka la matswele a botjha ba hao.

22. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Oho Oholiba, bona, ke tla o tsosetsa barati ba hao, bao moya wa hao o ba hlobohileng, ke ba tlise ba etswa nqa tsohle ho tla o lwantsha:

23. e le bara ba Babilona le Bakalde kaofela, mahosana, le baholo, le marenana, ba tle le bana ba Assiria bohle, e le bahlankana ba ratehang kaofela ha bona, babusisi le mahosana, bahlabani le banna ba lekgotla, ba palamile dipere bohle.

24. Ba ya tla ho wena ka dibetsa le ka makoloi le ka mabidi, le ka letshwele la ditjhaba, ka thebe le thejana le heleme; ba tla o teela hare. Ke tla bea kahlolo pela bona, ba o ahlole ka mokgwa wa bona;

25. ke tla o lwantsha ka poulelo ya ka, hore ba tle ba o etsetse ka bohale; ba tla o kgaola nko le ditsebe, masala a hao a timetswe ke lerumo; ba tla nka bara le baradi ba hao, masala a hao a timetswe ke mollo.

Esekiele 23