1. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:
2. Mora motho, ho ne ho le basadi ba babedi, baradi ba mosadi a le mong;
3. ba ya ba etsa bohlola Egepeta; botjheng ba bona ba etsa bohlola; teng, ha toboketswa matswele a bona, ha phollwa difuba tsa bona e sa le dikgarebe.
4. Mabitso a bona, e moholo e ne e le Ohola (tente), moenae e ne e le Oholiba (tente ya ka ho yena). Ya eba ba ka, ba tswala bara le baradi; haele ka mabitso a bona, Ohola ke Samaria, Oholiba ke Jerusalema.
5. Leha e ne e le wa ka, Ohola a boka, a ratana haholo le barati ba hae, e leng batho ba Assiria ba ahisaneng le yena,
6. e neng e le batho ba apereng purepera, e le babusisi le mahosana, e le bahlankana ba ratehang kaofela ha bona, bapalami ba kaletseng dipere.
7. Bohloleng ba hae, a ineela batho bao kaofela ha bona e neng e le bakgethwa ho bana ba Assiria, a itshilafatsa ka bohle bao a neng a ba rata haholoholo, le ka ditshwantsho tsohle tsa bona.
8. Ka ho etsa jwalo, ha a ka a hloboha le bohlola boo a neng a bo entse le Baegepeta, mohla ba neng ba robale le yena botjheng ba hae, ha ba ne ba pholla matswele a hae e sa le kgarebe, ba mo tshollela bootswa ba bona.
9. Ke kahoo ke neng ke mo neela matsohong a barati ba hae, matsohong a bana ba Assiria, bao a neng a ba rata haholoholo.