Esekiele 22:9-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ha hao, ho na le batho ba etselletsang, hore ho tle ho tshollwe madi; ha hao, ho jelwa dithabeng; ha hao, ho etswa bohlola.

10. Ha hao, ho apolwa bofeela ba motswadi; ha hao, ho betwa mosadi ya ilang;

11. ha hao, e mong o etsa manyala le mosadi wa wa habo, e mong o silafatsa ngwetsi ya hae ka bohlola, e mong o kokobetsa kgaitsedie, moradi wa ntatae.

12. Ha hao, ho amohelwa dimpho hore ho tle ho tshollwe madi; o nka phahello le katiso, o ntshisa ya heno tjhelete ka ho mo tuba, o ntse o ntebala, ho bolela Morena Jehova.

13. Bona, ke opa ka diatla tsa ka ka baka la leruo leo o le ruang, le ka baka la madi ao o a tshollang, a leng teng ha eno.

14. Na pelo ya hao e tla tiya, kapa a matsoho a hao a be matla ditshiung tseo ke tla sebetsa ka wena na? Ke nna Jehova ke boletseng, ke tla be ke etse.

15. Ke tla o qhalanyetsa ditjhabeng, ke o hasanyetse naheng tse ngata, ke be ke hlakole ditshila tsohle tse ho wena;

16. mme o tla etswa ya ditshila, hae ha hao, pela ditjhaba, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.

17. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:

18. Mora motho ba ntlo ya Iseraele ho nna ba fetohile manya; ke koporo feela, le tine, le tshepe, le loto tse seboping; kaofela ha bona ke manya a silefera.

19. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha bohle le fetohile manya, ke hona ke tla le phuthela Jerusalema.

20. Jwalokaha ho bokellwa silefera, le koporo, le tshepe, le loto seboping, mme ntho tseo di butswellwa mollo hore di tle di qhibidihe, ke tla le phutha jwalo bohaleng ba ka le kgalefong ya ka, mme ke tla le bea hona teng, ke tle ke le qhibidise.

Esekiele 22