4. O molato ka madi ao o a tsholotseng; o itshilafaditse ka ditshwantsho tseo o di entseng; o atameditse matsatsi a hao, o bile o fihlile phellong ya dilemo tsa hao; ke kahoo ke o beang sekgobo ho ditjhaba le sesomo dinaheng tsohle.
5. Ba leng haufi le ba leng hole le wena ba tla soma ka wena ya nang le lebitso le ditshila, ya tletseng dihlong.
6. Bona, dikgosana tsa Iseraele, e nngwe le e nngwe kamoo matla a yona a leng kateng, di ha hao, hore di tle di tsholle madi.
7. Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.
8. O nyedisa dihalalelo tsa ka, o silafatsa disabbatha tsa ka.
9. Ha hao, ho na le batho ba etselletsang, hore ho tle ho tshollwe madi; ha hao, ho jelwa dithabeng; ha hao, ho etswa bohlola.
10. Ha hao, ho apolwa bofeela ba motswadi; ha hao, ho betwa mosadi ya ilang;
11. ha hao, e mong o etsa manyala le mosadi wa wa habo, e mong o silafatsa ngwetsi ya hae ka bohlola, e mong o kokobetsa kgaitsedie, moradi wa ntatae.
12. Ha hao, ho amohelwa dimpho hore ho tle ho tshollwe madi; o nka phahello le katiso, o ntshisa ya heno tjhelete ka ho mo tuba, o ntse o ntebala, ho bolela Morena Jehova.
13. Bona, ke opa ka diatla tsa ka ka baka la leruo leo o le ruang, le ka baka la madi ao o a tshollang, a leng teng ha eno.
14. Na pelo ya hao e tla tiya, kapa a matsoho a hao a be matla ditshiung tseo ke tla sebetsa ka wena na? Ke nna Jehova ke boletseng, ke tla be ke etse.
15. Ke tla o qhalanyetsa ditjhabeng, ke o hasanyetse naheng tse ngata, ke be ke hlakole ditshila tsohle tse ho wena;
16. mme o tla etswa ya ditshila, hae ha hao, pela ditjhaba, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.
17. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re: