Esekiele 22:15-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ke tla o qhalanyetsa ditjhabeng, ke o hasanyetse naheng tse ngata, ke be ke hlakole ditshila tsohle tse ho wena;

16. mme o tla etswa ya ditshila, hae ha hao, pela ditjhaba, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova.

17. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:

18. Mora motho ba ntlo ya Iseraele ho nna ba fetohile manya; ke koporo feela, le tine, le tshepe, le loto tse seboping; kaofela ha bona ke manya a silefera.

19. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha bohle le fetohile manya, ke hona ke tla le phuthela Jerusalema.

20. Jwalokaha ho bokellwa silefera, le koporo, le tshepe, le loto seboping, mme ntho tseo di butswellwa mollo hore di tle di qhibidihe, ke tla le phutha jwalo bohaleng ba ka le kgalefong ya ka, mme ke tla le bea hona teng, ke tle ke le qhibidise.

21. Ke tla le ropanya, ke le butswelle mollo wa bohale ba ka, le tle le qhibidiswe hara motse wona.

22. Jwalokaha silefera e qhibidiha seboping, le lona le tla qhibidiswa hara wona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova ke le tshelang ka kgalefo ya ka.

23. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:

24. Mora motho, ere ho Jerusalema: O naha e sa hlatsuwang, e hlokang pula tsatsing la kgalefo.

25. Ho na le tumellano ya boikgantsho ho baporofeta ba ho yona, ho ka tau e purumang, e rusollang thusolelo; ba ja meya ya batho, ba nka maruo le ntho tsa bohlokwa, ba atisa basadi ba bahlolohadi hara naha.

26. Baprista ba yona ba tlola molao wa ka, ba silafatsa dihalalelo tsa ka, ha ba kgethe se halalelang ho se ditshila, ha ba kgethahanye motho ya sa hlwekang ho motho ya hlwekileng: ba pompatsa mahlo a bona hore a se ke a bona Disabatha tsa ka, mme ke hlomphollwa hara bona.

Esekiele 22