Esekiele 22:1-6 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:

2. Wena mora motho, ana o tla ahlola, ana o tla ahlola motse wa madi? O tsebise manyala wohle a wona,

3. o re: Morena Jehova o re: Ke motse o tshollang madi kahara wona, hore nako ya wona e tle e fihle, mme o iketsetsa ditshwantsho ho itshilafatsa ka tsona.

4. O molato ka madi ao o a tsholotseng; o itshilafaditse ka ditshwantsho tseo o di entseng; o atameditse matsatsi a hao, o bile o fihlile phellong ya dilemo tsa hao; ke kahoo ke o beang sekgobo ho ditjhaba le sesomo dinaheng tsohle.

5. Ba leng haufi le ba leng hole le wena ba tla soma ka wena ya nang le lebitso le ditshila, ya tletseng dihlong.

6. Bona, dikgosana tsa Iseraele, e nngwe le e nngwe kamoo matla a yona a leng kateng, di ha hao, hore di tle di tsholle madi.

Esekiele 22