Esekiele 21:25-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

25. Haele wena, kgosana ya Iseraele, wena molotsana o seng o tla hlajwa, eo letsatsi la hao le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella,

26. Morena Jehova o re: Rola moqhaka, o tlose mokgabo wa hao; se leng teng ha se sa tla ba teng; ho phahamiswa se kokobetseng, ho kokobetswa se phahameng.

27. Ke tla mo heletsa, ke mo heletse, ke mo heletse; se leng teng ha se sa tla ba teng, ho be ho fihle eo kahlolo e leng ya hae, eo ke mo neileng yona.

28. Wena mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o bolela bakeng sa bana ba Ammone le bakeng sa dinyefolo tsa bona. Ere: Lerumo, lerumo le pshemotswe, le bentsheditswe ho bolaya, le ho qeta, le ho hadima.

29. Ha o ntse o batlelwa dipono tsa lefeela, o ntse o etsetswa bonohe ba leshano, le tla o lahlela ditopong tsa ba babe ba bolailweng, bao letsatsi la bona le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella.

30. Busetsa lerumo selateng sa lona! Ke tla o ahlola nqalong eo o bopileng ho yona, lefatsheng leo o hlahileng ho lona,

31. ke o tshollele kgalefo ya ka; ke tla o budulela mollo wa bohale ba ka, ke o neele diatleng tsa banna ba tshabehang, ba masene a ho timeletsa.

32. O tla ba dijo tsa mollo, madi a hao a phalle hara naha; ha o sa tla hopolwa ke motho; hobane ke nna Jehova ke boletseng.

Esekiele 21