2. Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa Jerusalema, o rothisetse nqalo tse halalelang lentswe la hao, o porofetele naha ya Iseraele.
3. Ere ho naha ya Iseraele: Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, ke tla pshemola lerumo la ka selateng, ke kgaole ba lokileng le ba babe ba ho wena.
4. Erekaha ke tla kgaola ba lokileng le ba babe ba ho wena, lerumo la ka le tla tswa ke hona selateng ho bolaya nama yohle, ho tloha borwa ho isa leboya.
5. Mme nama yohle e tla tseba hoba nna Jehova ke pshemotse lerumo la ka selateng; le ke la kgutlela ho sona.
6. Haele wena, mora motho, o bobole jwaloka ya theka le robehileng, o fehelwe habohloko pela bona.
7. Etlare ha ba re ho wena: O fehellwang? o tla re: Ke fehellwa ditaba tse tlang; hobane dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole; meya yohle e tla akgeha, mangwele wohle a fetohe metsi; bonang, taba di a tla, di se di tlile: ho bolela Morena Jehova.
8. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:
9. Mora motho, porofeta, o re: Jehova o re: Ere: Lerumo ke leo! lerumo ke leo! le leoditswe, le bile le bentshitswe.
10. Le leoditswe ho akofisa polao, le bentshitswe hore le tle le hadime. Kapa a re tla thabela lere la mora ka, le nyedisang difate tsohle tse ding na?