10. Le leoditswe ho akofisa polao, le bentshitswe hore le tle le hadime. Kapa a re tla thabela lere la mora ka, le nyedisang difate tsohle tse ding na?
11. O ntshitse lerumo hore le bentshwe, hore a tle a le tshware ka letsoho; lerumo le leoditswe, le bile le bentshitswe, hore a le kenye letsohong la mmolai.
12. Howa, o purume, mora motho, hobane le ya ba setjhabeng sa ka, le ya ba ho mahosana wohle a Iseraele; a neetswe lerumong hammoho le setjhaba sa ka. Ha ho le jwalo, phathatsa seropeng sa hao.
13. Le lekilwe; mme ho nang, leha lere le nyedisang le se le le siyo? ho bolela Morena Jehova.
14. Mme wena, mora motho, o porofete, o ope ka diatla tsa hao, lerumo le ke le kgehlepele habedi, hararo: ke lerumo le bolayang, lerumo le bolayang ba baholo, le ba teelang hare ka nqa tsohle.
15. Ke hore dipelo di tle di qhibidihe, dikgopiso di tle di be ngata dikgorong tsa metse yohle, ha ke romela kgalemelo ya lerumo. Jo! le etseditswe ho hadima, le leoleditswe ho bolaya.
16. Oho lerumo, o phuthehe, o hlabe ka ho le letona; ela sedi, o hlabe ho le letshehadi, nqeng tsohle moo bohale ba hao bo lebang teng.
17. Le nna, ke tla opa ka diatla tsa ka, ke be ke kgodise kgalefo ya ka. Ke le Jehova, ke boletse.
18. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:
19. Oho mora motho, o tle o iketsetse ditsela tse pedi tseo lerumo la morena wa Babilona le tla ya ka tsona; di tswe lefatsheng le le leng tse pedi, o ngole sesupatsela, o se ngole qalong ya tsela ya motse.
20. O etse tsela e nngwe ya lerumo ho ya Rabba wa bana ba Ammone, e nngwe ho ya Jerusalema, motse o matla wa Juda.
21. Hobane morena wa Babilona o eme mmileng o moholo maarohanong a ditsela tse pedi, hore a etse bonohe; o shohlomanya metsu, o botsa diterafime, o tadima sebete.
22. Bonang, se nohang se letsohong la hae le letona: Ke Jerusalema! Ho tla bewa dipheleu, ho etswe mehoo polaong, ho hlajwe mokgosi, ho bewe dipheleu ho bolaya mamati a menyako, ho hahuwe ditutudu, ho hahuwe lerako le potang.
23. Haele bona, mahlong a bona, ke bonohe ba lefeela; ke re, ho bona ba neng ba hlapantse le ho ana; empa yena o elellwa bokgopo ba bona, hore ba fele ba tshwarwe.
24. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha le nkgopoditse bokgopo ba lona, kamoo ditlolo tsa lona di felang di hlanotswe kateng, hore dibe tsa lona di tle di bonahale diketsong tsohle tsa lona; erekaha le ikgopoditse e le lona, le tla tshwarwa ke letsoho la hae.