5. Ere ho bona: Morena Jehova o re: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke neng ke emisetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo letsoho la ka, ke ipolelang ho bona naheng ya Egepeta, ke ba emisetsang letsoho la ka, ke reng, ke nna Jehova, Modimo wa lona,
6. mohlang oo, ke ne ke ba emiseditse letsoho la ka, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta, ke ba ise naheng eo ke ba batletseng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;
7. mme ka re ho bona: Ho lahle e mong le e mong diila tse kapele ho mahlo a hae, le se ke la itshilafatsa ka ditshwantsho tsa Egepeta: ke nna Jehova, Modimo wa lona.
8. Ba mpa ba ikgantshetsa nna, ba hana ho nkutlwa; ha ho e mong ho bona ya kileng a lahla diila tse kapele ho mahlo a hae, leha e le ho furalla ditshwantsho tsa Egepeta, mme ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona naheng ya Egepeta.
9. Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.
10. Ka ba ka ba ntsha naheng ya Egepeta, ka ba isa nahathothe.
11. Ka ba ka ba nea dikomela tsa ka, ka ba tsebisa melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona.
12. Ka ba nea le Disabatha tsa ka, hore e be pontsho mahareng a ka le bona, ya hore ba tsebe hoba ke nna Jehova ya ba halaletsang.
13. Ba ntlo ya Iseraele ba mpa ba ikgantshetsa nna ba le nahathothe; ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka, ba nna ba lahla melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona; ba silafatsa disabbatha tsa ka hampe, ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka nahathothe, hore ke ba timeletse.
14. Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke tle ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.
15. Feela, ka ba emisetsa letsoho la ka nahathothe, ka re: Ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e kollang lebese le dinotshi, e leng e ntlentle hara dinaha tsohle;
16. hobane ba ne ba lahlile melao ya ka, ba sa ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka; hape, ba ne ba silafaditse Disabatha tsa ka, etswe pelo tsa bona di ne di latela ditshwantsho tsa bona.
17. Empa leihlo la ka la nna la ba qenehela, hore ke se ke ka ba timetsa, mme ha ke a ka ka ba fedisa nahathothe.