Esekiele 20:40-49 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

40. Hobane thabeng ya ka e halalelang, thabeng e phahameng ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohle ba ntlo ya Iseraele, e leng bohle ba leng naheng ya bona, ba tla ntshebeletsa teng; hona teng, ke tla kgahlwa ke bona; teng ke tla botsa dikabelo tsa lona tse tsokotswang le dilopotsiya tseo le tla di tlisa tsa ntho tsohle tsa lona tse halalelang.

41. Ke tla kgahlwa ke lona jwaloka hoja le le dibano tse monko o monate, ha ke se ke le ntshitse ditjhabeng, mme ke tla le phutha dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, ke tle ke kgethehe ka lona pela ditjhaba;

42. mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke se ke le buseditse naheng ya Iseraele, lefatsheng leo ke neng ke emiseditse bontata lona letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa lona.

43. Teng, le tla elellwa mekgwa yohle ya lona le diketso tsohle tsa lona tseo le neng le itshilafaditse ka tsona, le ikgobohellwe ka baka la tse mpe tsohle tseo le di entseng;

44. mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke le etsang tse jwalo, ka baka la lebitso la ka, e seng ka ho ya ka mekgwa e mebe ya lona, leha e le ka diketso tse bodileng tsa lona, ntlo ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.

45. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:

46. Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa ho le letona, o rothisetse lentswe la hao nqa borwa, o be o porofetele moru wa naha ya borwa,

47. o re ho moru wa borwa: Mamela lentswe la Jehova! Morena Jehova o re: Bona, ke se ke ya hotetsa mollo ha hao, o tla qeta difate tsohle tse tala le difate tsohle tse omileng; kgabo ya mollo ha e ka ke ya tima, mme ka yona, naha yohle, ho tloha borwa ho isa leboya, e tla tlabolwa;

48. mme nama yohle e tla bona hoba ke nna Jehova ke hoteditseng mollo oo; ha o ka ke wa tima.

49. Yaba ke re: Jo! Morena Jehova! Ba mpolella ka ho re: Eo o ntsa bua ka dipapiso!

Esekiele 20