23. Feela, ka ba emisetsa letsoho la ka nahathothe, hore ke tla ba qhalanyetsa hara ditjhaba le ho ba hasanyetsa dinaheng tsohle,
24. kahobane ba sa ka ba etsa ka melao ya ka, ba mpa ba lahlile dikomelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme mahlo a bona a nna a latela ditshwantsho tsa bontata bona.
25. Ke kahoo nkileng ka ba nea dikomelo tse neng di se ntle, le melao e ke keng ya phedisa.
26. Ka ba ka ba silafatsa ka dinyehelo tsa bona, kamoo ba neng ba tjhesa bara bohle ba matsibolo kateng, hore ke tle ke be ke ba etse lesupi, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.
27. Ha ho le jwalo, mora motho, bolella ba ntlo ya Iseraele, o re ho bona: Morena Jehova o re: Tseo bontata lona ba nnyefotseng ka tsona, ha ba tla nketsetsa bolotsana, ke tsena:
28. Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.
29. Ka ba ka re ho bona: Nqalo e phahameng eo le yang ho yona ke efe? Lebitso la teng e ntse e le la nqalo e phahameng le kajeno.
30. Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Haele mona le itshilafatsa ka mekgwa ya bontata lona, mme le feba ka ho ya ka diila tsa bona,
31. mme le tlisa dinyehelo tsa lona, le tjhesa le bara ba lona, le ntse le itshilafatsa ka ditshwantsho tsa lona tsohle ho fihlela la kajeno, hleka nka dumela ho botswa ke lona, ntlo ya Iseraele, na? Ke a phela, ho rialo Morena Jehova, ha ke na ho botswa ke lona.
32. Haele se itlhahisang pelong tsa lona, ha le re: Re tla tshwana le ditjhaba tse ding le meloko ya mafatshe a mang, re sebeletse lehong le lejwe; ha se ka ke sa hlaha.
33. Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: Ke tla rena hodima lona ka letsoho le matla, ka letsoho le otlolohileng, le ka ho le tshollela kgalefo ya ka.
34. Ke tla le ntsha ditjhabeng, mme dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona ke le phuthe ka letsoho le matla, le otlolohileng, le ka ho le tshollela kgalefo ya ka,
35. ke le tlise lefeelleng la ditjhaba, ke tle ke isane nyeweng le lona teng;
36. mme jwalokaha ke ne ke isane nyeweng le bontata lona lefeelleng la naha ya Egepeta, ke tla isana nyeweng le lona jwalo, ho rialo Morena Jehova.
37. Ke tla le fetisa ka tlasa thupa, ke be ke le kenye kanong ya selekane;