5. Leha ba ka mamela, kapa ho seng jwalo, etswe e le ntlo ya bahanyetsi, ba tla tseba hoba moporofeta o teng hara bona.
6. Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.
7. O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.