Esekiele 2:1-3 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. A re ho nna: mora motho, ema ka maoto a hao, ke tle ke bue le wena.

2. A re a sa bua le nna, moya wa kena ka ho nna, mme wa nkemisa ka maoto a ka, mme ka mamela ya buang le nna.

3. A re ho nna: Mora motho, ke o romela ho bana ba Iseraele, tjhaba tseo tse manganga, tse ikgantsheditseng nna; bona le bontata bona ba ikgantsheditse nna ho tla fihla tsatsing lona lena.

Esekiele 2