3. Ya hodisa ngwana e mong wa yona; eo yaba e ba tawana, ya ithuta ho harola thusolelo ya yona, ya eja le batho.
4. Empa ditjhaba tsa utlwa ha e bolelwa, yaba e a tshwaswa lemeneng la tsona, tsa e isa naheng ya Egepeta, di e qebile ka mautlana dinkong.
5. Tauhadi eitse ha e bona hobane tshepo eo e neng e itshepisitse ka yona e timetse, ya nka ngwana wa yona e mong, ya mo etsa tawana.
6. Yare ha e ntse e tsamaya hara ditau, ya fetoha tawana, ya ithuta ho harola thusolelo ya yona; ya eja le batho.
7. Ya heletsa matlo a bona a borena, ya senya metse ya bona; lefatshe le tsohle tse ho lona tsa fetoha lesupi ka lentswe la yona le purumang.
8. Yaba ditjhaba tse ka mathoko di tla e lwantsha, tsa e alla letlowa la tsona, yaba ya tshwaswa lemeneng la tsona.
9. Tsa e hlahledisa serobeng sa ditshepe, di e qebile ka mautlana dinkong, tsa e isa ho morena wa Babilona; tsa e isa qhobosheaneng, hore lentswe la yona le se ke la hlola le utlwahala thabeng tsa Iseraele.
10. Mmao e ne e ka morara o hlomilweng pela metsi jwaloka wena; o ne o beha haholo, o bile o hlometse mahlomela a mangata ka baka la metsi a mangata;
11. o ne o ena le makala a matla, ya eba mare a borena. O ne o phahame mahareng a dintlha tsa difate tse mahlaku, o ntse o bonahala ka ho phahama ha wona, le ka bongata ba makala a wona.
12. Empa o ne o fotholwe ka kgalefo, wa dihelwa fatshe, moya wa botjhabela wa pontsha ditholwana tsa wona; makala a matla a wona a rojwa, a omella; mollo wa a qeta.
13. Jwale, o hlomilwe lefeelleng, naheng e omileng, e nyorilweng.
14. Mollo o tswile thupeng tsa makala a wona, wa ba wa eja ditholwana tsa wona; ha ho sa le lekala le matla, leha e le lere la ho rena.Ke yona kodiyamalla, e tla nne e be kodiyamalla.