Esekiele 18:19-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Lona le re: Mora motho eo ha a jare keng molato wa bokgopo ba ntatae hammoho le yena? Tjhe, mora hae o entse ka taelo le ka ho loka, o bolokile dikomelo tsohle tsa ka, o ile ka tsona; efela o tla phela.

20. Moya o etsang sebe, ke wona o tla shwa. Mora motho eo a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba ntatae, mme motho a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba mora wa hae; ho loka ha ya lokileng ho tla ba hodima hae, bokgopo ba e mobe bo be hodima hae le bona.

21. Haele e mobe, ha a ka sokoloha dibeng tsohle tseo a neng a di etsa, a boloka dikomelo tsohle tsa ka, a etsa ka taelo le ka ho loka, o fela a tla phela, a ke ke a shwa.

22. Ditlolo tsohle tseo a di entseng ha di ka ke tsa hopolwa, o tla phela ka ho loka hoo a ho entseng.

23. Hleka nka thabela lefu la e mobe? ho botsa Morena Jehova. Ha ke re: Nka mo thabela, ha a ka kgeloha ditsela tsa hae, a tle a phele na?

24. Empa ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, ha a ka ya ka manyala wohle a etswang ke e mobe, na o tla phela na? Ho loka hohle ha hae hoo a neng a ho entse ha ho ka ke ha hopolwa; o tla shwa ka bolotsana boo a bo entseng le ka sebe seo a se entseng.

25. Ke hona moo le reng: Tsela ya Morena ha e a loka hantle. Mamelang jwale, lona ba ntlo ya Iseraele! Na ke tsela ya ka e sa lokang hantle na? Na hase tsela tsa lona tse sa lokang na?

26. Ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mme a eshwa kahoo, o shwa ka bokgopo boo a bo entseng.

27. Le yena e mobe, ekare ha a kgeloha bobe boo a neng a bo etsa, a etsa ka taelo le ka ho loka, yena o pholosa moya wa hae.

28. Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.

29. Ke moo ba ntlo ya Iseraele ba reng: Tsela ya Morena ha e a loka hantle. Oho ntlo ya Iseraele, na ke ditsela tsa ka tse sa lokang hantle na? Na hase tsela tsa lona tse sa lokang hantle na?

30. Ha ho le jwalo, ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ba ntlo ya Iseraele: ho rialo Morena Jehova. Kgutlang, le sokolohe ditlolong tsohle tsa lona, hore bokgopo bo se ke ba le kgothometsa.

31. Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?

32. Athe nna ha ke thabele lefu la ya shwang: ho rialo Morena Jehova. Ha ho le jwalo, sokolohang, le tle le phele.

Esekiele 18