Esekiele 18:19-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Lona le re: Mora motho eo ha a jare keng molato wa bokgopo ba ntatae hammoho le yena? Tjhe, mora hae o entse ka taelo le ka ho loka, o bolokile dikomelo tsohle tsa ka, o ile ka tsona; efela o tla phela.

20. Moya o etsang sebe, ke wona o tla shwa. Mora motho eo a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba ntatae, mme motho a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba mora wa hae; ho loka ha ya lokileng ho tla ba hodima hae, bokgopo ba e mobe bo be hodima hae le bona.

21. Haele e mobe, ha a ka sokoloha dibeng tsohle tseo a neng a di etsa, a boloka dikomelo tsohle tsa ka, a etsa ka taelo le ka ho loka, o fela a tla phela, a ke ke a shwa.

22. Ditlolo tsohle tseo a di entseng ha di ka ke tsa hopolwa, o tla phela ka ho loka hoo a ho entseng.

23. Hleka nka thabela lefu la e mobe? ho botsa Morena Jehova. Ha ke re: Nka mo thabela, ha a ka kgeloha ditsela tsa hae, a tle a phele na?

24. Empa ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, ha a ka ya ka manyala wohle a etswang ke e mobe, na o tla phela na? Ho loka hohle ha hae hoo a neng a ho entse ha ho ka ke ha hopolwa; o tla shwa ka bolotsana boo a bo entseng le ka sebe seo a se entseng.

25. Ke hona moo le reng: Tsela ya Morena ha e a loka hantle. Mamelang jwale, lona ba ntlo ya Iseraele! Na ke tsela ya ka e sa lokang hantle na? Na hase tsela tsa lona tse sa lokang na?

26. Ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mme a eshwa kahoo, o shwa ka bokgopo boo a bo entseng.

27. Le yena e mobe, ekare ha a kgeloha bobe boo a neng a bo etsa, a etsa ka taelo le ka ho loka, yena o pholosa moya wa hae.

28. Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.

29. Ke moo ba ntlo ya Iseraele ba reng: Tsela ya Morena ha e a loka hantle. Oho ntlo ya Iseraele, na ke ditsela tsa ka tse sa lokang hantle na? Na hase tsela tsa lona tse sa lokang hantle na?

Esekiele 18