Esekiele 18:10-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Ekare ha a tswetse mora ya bohale, ya tshollang madi, ya etsetsang ngwanabo ntho e nngwe ya tseo,

11. ha eo a sa etse tsohle tse entsweng ke ntatae, a mpa a eja ditjhabeng, a silafatsa mosadi wa wa habo,

12. a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,

13. a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!

14. Empa bonang, ekare ha a tswetse mora ya boneng dibe tsohle tseo ntatae a di entseng, mme leha a di bone, a mpa a sa di etse;

15. a sa ke a eja dithabeng, a sa ke a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong tsa ntlo ya Iseraele, a sa silafatse mosadi wa wa habo;

16. a sa tube motho, a sa nke tebeletso, a sa tlatlape, a mpa a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo;

Esekiele 18