1. Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:
2. Na le reng, ha le bolela polelo ya maele naheng ya Iseraele, e reng: Bontata bana ba jele morara o bodila, mme meno a bana a thella?
3. Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha le ka ke la hlola le bolela polelo eo ya maele Iseraeleng.
4. Bonang, meya yohle ke ya ka; moya wa ngwana le moya wa ntatae ke ya ka hammoho; moya o etsang sebe ke wona o tla shwa.
5. Ekare ha motho e mong a lokile, mme a etsa ka taelo le ka ho loka,
6. ha a sa je dithabeng, a sa lelaletse mahlo ditshwantshong tsa ntlo ya Iseraele, ha a sa silafatse mosadi wa wa habo, a sa atamele mosadi ya ilang,
7. leha a sa tube motho, mme a kgutlisa tebeletso e ntsheditsweng molato, a sa tlatlape, a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo,
8. ha a sa adime ka phahello, a sa nke katiso ha a ntsha letsoho la hae bokgopong, leha a ahlolela batho ba tlisaneng nyeweng ka tshwanelo,
9. ha a tsamaya dikomelong tsa ka, a boloka melao ya ka, ho etsa nnete, motho eo etlaba o lokile; efela o tla phela: ho rialo Morena Jehova.
10. Ekare ha a tswetse mora ya bohale, ya tshollang madi, ya etsetsang ngwanabo ntho e nngwe ya tseo,
11. ha eo a sa etse tsohle tse entsweng ke ntatae, a mpa a eja ditjhabeng, a silafatsa mosadi wa wa habo,
12. a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,
13. a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!
14. Empa bonang, ekare ha a tswetse mora ya boneng dibe tsohle tseo ntatae a di entseng, mme leha a di bone, a mpa a sa di etse;