Esekiele 17:9-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ere: Morena Jehova o re: Na o tla atleha? Na ntsu ya pele ha e ka ke ya fothola metso ya wona, le ho kgaola ditholwana tsa wona, hore o omelle, ho omelle le mahlomela wohle a wona a matjha? Ho ke ke ha hlokwa letsoho le matla, kapa setjhaba se seholo, ho o fothola le metso ya wona.

10. Bona, o hlomilwe; na o tla atleha na? Na moya wa botjhabela etlare ha o o ama, o ke ke wa omella ruri na? O tla omellela leifong leo o hlomilweng ho lona.

11. Yaba lentswe la Jehova le ntlela la re:

12. Ere ho ntlo eo ya bahanyetsi: Na ha le tsebe tse tshwantshwang ka taba tseo? Ere: Bonang, morena wa Babilona o ne a tle Jerusalema, a tshwara morena le mahosana teng, a ya le bona Babilona.

13. A ntoo nka e mong wa lesika la borena, a hlaba selekane le yena, a ba a mo antsha; a tlosa dinatla tsa naha,

14. hore mmuso o tle o kokobetswe, o sitwe ho hola, o tle o tiisetse selekaneng sa hae, hore o tle o phele.

15. Eo a mpa a mo kwenehela ka ho romela manqosa Egepeta, hore a fuwe dipere le setjhaba se seholo teng. Ya entseng hoo na o tla atleha na? Na o tla phonyoha na? O tlotse selekane; a ka phonyoha na?

16. Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: o tla shwela nqalong yona eo moo ho phelang eo a entsweng morena ke yena, eo a kgesitseng kano ya hae, eo a tlotseng selekane sa hae, o tla shwela hona moo ha hae, Babilona.

17. Esita le Faro, a ke ke a tla mo lwanela ka sera se seholo, leha e le ka setjhaba se sengata, ha ho etswa ditutudu, mme ho hahuwa lerako le potang, hore ho tle ho bolawe batho ba bangata.

18. O kgesitse kano, o tlotse selekane; o bile o neile Faro letsoho la hae; o entse tseo tsohle; ha a ka ke a phonyoha.

19. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ke a phela! o kgesitse kano ya ka, o tlotse selekane sa ka. Molato oo ke tla o bea hloohong ya hae.

20. Ke tla mo alla letlowa la ka, a tle a tshwaswe sefing sa ka, mme ke tla mo isa Babilona; teng, ke tla isana nyeweng le yena ka baka la bolotsana boo a nketseditseng bona.

21. Haele ba balehileng bohle ba makgotla wohle a hae, ba tla dihuwa ke lerumo, masala a bona a qhalanyetswe meyeng yohle; le tle le tsebe hoba ho buile nna Jehova.

22. Morena Jehova o re: Empa nna, ke tla nka lekala ntlheng e phahameng ya kedare, ke le hlome fatshe; lekaleng le leholo la yona, ke tla kga letlobo la lona, ke le hlome thabeng e telele, e phahameng.

23. Ke tla le hloma thabeng e telele ya Iseraele; le tla hlomela, le be le behe ditholwana, le fetohe kedare e ntlentle; tlasa yona, ho tla haha dinonyana tsohle, tsohle tse nang le dipheo; di tla haha matlo a tsona moriting wa makala a yona.

Esekiele 17