Esekiele 17:3-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. o re: Morena Jehova o re: Ntsu e kgolo e dipheo di telele, e setono se selelele, e masiba a teteaneng, a mebalabala, e ne e tle Lebanone, mme ya nka ntlha ya kedare.

4. Yaba e kga lekala le leholo la yona, ya le isa naheng ya bahwebi, ya le bea motseng wa kgwebo.

5. Ya ntoo nka lehlomela la naha ena, ya le hloma tshimong e lemilweng, ya le bea pela metsi a mangata, ya le hloma jwaloka hoja ke moduwane.

6. La mela, la fetoha morara o namileng, empa e le o rarelang nqa fatshe, makala a wona a lebile ka ho ntsu, metso ya wona e le tlasa wona; ya eba morara o hlomelang makala, o melang le makalana.

7. Empa ntsu e kgolo e nngwe e ne e le teng, e dipheo di telele, e masiba a teteaneng; yaba morara oo o tshwepholela metso ya wona nqa ho yona, mme o le leifong leo o lemilweng ho lona, wa isa makala a wona ho yona, hore e tle e a nosetse.

8. O ne o lemilwe tshimong e ntle, pela metsi a mangata, hore o tle o hlomele mahlomela, o behe le ditholwana, hore o be o fetohe morara o motlemotle.

9. Ere: Morena Jehova o re: Na o tla atleha? Na ntsu ya pele ha e ka ke ya fothola metso ya wona, le ho kgaola ditholwana tsa wona, hore o omelle, ho omelle le mahlomela wohle a wona a matjha? Ho ke ke ha hlokwa letsoho le matla, kapa setjhaba se seholo, ho o fothola le metso ya wona.

10. Bona, o hlomilwe; na o tla atleha na? Na moya wa botjhabela etlare ha o o ama, o ke ke wa omella ruri na? O tla omellela leifong leo o hlomilweng ho lona.

11. Yaba lentswe la Jehova le ntlela la re:

12. Ere ho ntlo eo ya bahanyetsi: Na ha le tsebe tse tshwantshwang ka taba tseo? Ere: Bonang, morena wa Babilona o ne a tle Jerusalema, a tshwara morena le mahosana teng, a ya le bona Babilona.

13. A ntoo nka e mong wa lesika la borena, a hlaba selekane le yena, a ba a mo antsha; a tlosa dinatla tsa naha,

14. hore mmuso o tle o kokobetswe, o sitwe ho hola, o tle o tiisetse selekaneng sa hae, hore o tle o phele.

15. Eo a mpa a mo kwenehela ka ho romela manqosa Egepeta, hore a fuwe dipere le setjhaba se seholo teng. Ya entseng hoo na o tla atleha na? Na o tla phonyoha na? O tlotse selekane; a ka phonyoha na?

Esekiele 17