Esekiele 17:12-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ere ho ntlo eo ya bahanyetsi: Na ha le tsebe tse tshwantshwang ka taba tseo? Ere: Bonang, morena wa Babilona o ne a tle Jerusalema, a tshwara morena le mahosana teng, a ya le bona Babilona.

13. A ntoo nka e mong wa lesika la borena, a hlaba selekane le yena, a ba a mo antsha; a tlosa dinatla tsa naha,

14. hore mmuso o tle o kokobetswe, o sitwe ho hola, o tle o tiisetse selekaneng sa hae, hore o tle o phele.

Esekiele 17