Esekiele 16:53-62 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

53. Ke tla ba lata kgolehong; ke tla lata baholehuwa ba Sodoma le ba baradi ba hae, le baholehuwa ba Samaria le ba baradi ba hae; le baholehuwa ba hao hammoho le ba bona;

54. hore o tle o jare sekgobo sa hao, o hlabiswe ke dihlong ka tsohle tseo o di entseng, o ba tshedisitseng ka tsona.

55. Ngwaneno Sodoma le baradi ba hae ba tla kgutlela tulong tsa bona tsa pele; Samaria le baradi ba hae ba tla kgutlela tulong tsa bona tsa pele le bona; le wena le baradi ba hao, le tla kgutlela tulong tsa lona tsa pele.

56. Athe mehleng ya boikgohomoso ba hao, molomo wa hao o ne o ila ho bitsa Sodoma ngwaneno;

57. ke mohla bokgopo ba hao bo neng bo eso ho hlanolwe, jwalokaha ho kile ha eba teng mohla o nyefolwang ke baradi ba Siria le bohle ba ba teetseng hare, le ke baradi ba Bafilesta ba neng ba o hlapaola ka nqa tsohle.

58. Ditshila tsa hao le manyala a hao, jwale o di jere, ho rialo Jehova.

59. Hobane Morena Jehova o re: Ke tla o etsa kamoo o entseng kateng, wena ya nyedisitseng kano ka ho roba selekane.

60. Empa nna, ke tla hopola selekane sa ka seo ke neng ke se entse le wena ditshiung tsa botjha ba hao, ke o etsetse selekane se sa feleng.

61. O tla hopola metsamao ya hao, o hlabiswe ke dihlong ka yona, mohla o amohelang banabeno, baholwane ba hao le baena ba hao, bao ke tla o nea bona hore e be baradi ba hao, empa e seng ka ho ya ka selekane sa hao.

62. Ke tla etsa selekane le wena, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova;

Esekiele 16