44. Bona, mang le mang ya etsang maele, o tla etsa le leng ka wena, a re: Moradi o futsitse mmae.
45. O moradi wa mmao, ya neng a qene monna wa hae le bara ba hae; o ngwanabo banabeno, ba neng ba qene banna ba bona le bara ba bona. Mma lona e ne e le Mohethe, ntata lona yena e le Maomore.
46. Moholwane wa hao ke Samaria hammoho le baradi ba hae, ba ahileng nqa letsohong le letshehadi ho wena; mme moenao, ya ahileng nqa letsohong le letona ho wena, ke Sodoma hammoho le baradi ba hae.
47. Ha o a ka wa tsamaya ka metsamao ya bona feela, leha e le ho etsa ka manyala a bona; teng, wa re, ho honyenyane, wa ba wa ba feta ka ho itshenya metsamaong yohle ya hao.
48. Jehova Morena o re: Ke a phela! Sodoma, ngwaneno, le baradi ba hae, ha ba ka ba etsa jwalokaha ho entse wena le baradi ba hao!
49. Bona, bokgopo ba Sodoma, ngwaneno, ke bona: e ne e le boikgohomoso, le nala, le ho dula ho iketlilwe; ke bona bokgopo ba hae le ba baradi ba hae; hape, o ne a sa tshehetse matsoho a mohlomohi le a mofutsana.
50. E ne e le baikakasi, ba ne ba etsa manyala pela ka; ka ba tlosa ke hona, mohla ke bonang tseo.
51. Le yena Samaria, ha a ka a etsa sekoto sa dibe tsa hao; wena, o atisitse manyala a hao ho feta yena, o lokafaditse banabeno ka manyala wohle a hao ao o a entseng.
52. Ha ho le jwalo, jara sekgobo sa hao le wena, seo o neng o tswile banabeno ka sona! Ka baka la dibe tsa hao, tseo ka tsona o entseng manyala a fetang a bona, ba o feta ka ho loka. Ha ho le jwalo, hlajwa ke dihlong le wena, o jare sekgobo sa hao, ha e le mona o lokafaditse banabeno.
53. Ke tla ba lata kgolehong; ke tla lata baholehuwa ba Sodoma le ba baradi ba hae, le baholehuwa ba Samaria le ba baradi ba hae; le baholehuwa ba hao hammoho le ba bona;
54. hore o tle o jare sekgobo sa hao, o hlabiswe ke dihlong ka tsohle tseo o di entseng, o ba tshedisitseng ka tsona.
55. Ngwaneno Sodoma le baradi ba hae ba tla kgutlela tulong tsa bona tsa pele; Samaria le baradi ba hae ba tla kgutlela tulong tsa bona tsa pele le bona; le wena le baradi ba hao, le tla kgutlela tulong tsa lona tsa pele.
56. Athe mehleng ya boikgohomoso ba hao, molomo wa hao o ne o ila ho bitsa Sodoma ngwaneno;
57. ke mohla bokgopo ba hao bo neng bo eso ho hlanolwe, jwalokaha ho kile ha eba teng mohla o nyefolwang ke baradi ba Siria le bohle ba ba teetseng hare, le ke baradi ba Bafilesta ba neng ba o hlapaola ka nqa tsohle.