Esekiele 16:4-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Mohla o tswalwang, ka tsatsi leo o hlahileng ka lona, mokgubu wa hao ha o a ka wa pongwa, ha o a ka wa hlatsuwa ka metsi ho o photla, ha o a ka wa fafatswa ka letswai, ha o a ka wa phuthelwa maseleng.

5. Ha ho a ka ha eba motho eo leihlo la hae le o utlwetseng bohloko, ho o etsa le e nngwe ya tseo, le ho o etsetsa ka mohau; wa mpa wa lahlelwa phenyoleng; bophelo ba hao bo kgesitswe mohla o tswalwang.

6. Ka re ke feta ka wena, ka o bona o sudubane mading a hao, ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao! Ka pheta ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao.

7. Ka o atisa ka dikete, jwaloka jwang ba naha; wa hola, wa tiya, wa fihla botleng bo phethehileng; wa tswa diolamolora, moriri wa hao wa mela o le mongata; empa o ne o ntse o le feela, o hlobotse.

8. Ka feta ka wena, ka o bona, e le ha dilemo tsa hao e le dilemo tsa lerato; ka o alla moleka wa kobo ya ka, ka apesa bofeela ba hao; ka ba ka o hlapanyetsa, ka hlaba selekane le wena, ho rialo Morena Jehova, mme wa ba wa ka.

9. Ka o hlatswa ka metsi, ka hlatswa madi a hao ho wena, ka o tlotsa ka ole.

10. Ka o apesa ka diaparo tse homilweng, mme ka o rwesa dieta tsa qibi; ka o rwesa lene e ntle hloohong, ka o apesa ka sei.

11. Ka ba ka o tlatlapetsa mekgabo; ka o rwesa mefitshana matsohong, le sefaha molaleng;

12. ka kenya lesale nkong ya hao le masale ditsebeng, ka o rwesa le moqhaka o motle hloohong.

13. Wa ikgabisa ka kgauta le silefera; diaparo tsa hao ya eba tsa lene e ntle, le tsa sei, le tse homilweng. Wa nna wa ja lefi la phofo, le dinotshi, le ole; wa ba motle ka ho fetisisa, wa ba wa fihla boreneng.

14. Lebitso la hao la nna la tuma hara ditjhaba ka baka la botle ba hao, hobane bo ne bo phethehile ka bokgabane ba ka boo ke neng ke o apesitse ka jona: ho rialo Morena Jehova.

15. Empa wa nna wa tshepa botle ba hao, mme ka ho tshepa lebitso la hao wa nna wa boka, wa tshela bohle ba fetang ka bootswa ba hao, wa re, ke jwa bona.

16. Wa nka diaparo tse ding tsa hao, wa iketsetsa dinqalo tse diphahameng tse kgabisitsweng ka mebalabala, wa boka hona teng, e leng se neng se eso ho ka se etswa, se sa lokeleng le ho ba teng.

Esekiele 16