Esekiele 16:36-44 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

36. Morena Jehova o re: Erekaha o lahlile tjhelete tsa hao feela, mme bofeela ba hao bo kile ba apolwa bootsweng ba hao, ha o ena le barati ba hao; hape, ka baka la ditshwantsho tsohle tsa hao tse manyala, le la madi a bara ba hao bao o ba neetseng tsona,

37. ha ho le jwalo, bona, ke tla phutha barati bohle ba hao, bao o ba thabetseng, le bohle bao o ba ratang, hammoho le bohle bao o ba hloileng; ke tla o phuthela bona hohle, ke ba apolele bofeela ba hao, mme ba fela ba tla bona bofeela bohle ba hao.

38. Ke tla o ahlola ka kahlolo ya basadi ba febileng, le ya ba tsholotseng madi, ke o etse ya tletseng madi a kgalefo le a lefufa.

39. Ke tla o neela bona matsohong; ba tla diha meaho ya hao e didikwadikwe, ba heletse dinqalo tse diphahameng tsa hao; ba tla o hlobodisa diaparo, ba nke mekgabo ya hao, ba o tlohele hona moo, o le feela, o hlobotse.

40. Ba tla nyolla sera, se tla tla o lwantsha, mme ba tla o tlepetsa ka majwe, ba o pomake dikoto ka marumo a bona.

41. Ba tla tjhesa matlo a hao ka mollo, ba o otle ka dikahlolo pontsheng ya basadi ba bangata; ke tla etsa hore o phetse ho ba seotswa, mme ha o sa tla nea ba bang moputso.

42. Ke tla kgutsisa kgalefo ya ka jwalo, eo ke o halefetseng ka yona, mme poulelo ya ka e tla o tlohela; ke tla kgutsa, ke se ke ka hlola ke halefa.

43. Erekaha o sa ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, mme o bile manyadi ho nna nthong tseo tsohle, le nna ke tla o jarisa molato wa metsamao ya hao hloohong: ho rialo Morena Jehova; mme ha o sa tla ekeletsa manyala a hao wohle ka ditshila tse ding.

44. Bona, mang le mang ya etsang maele, o tla etsa le leng ka wena, a re: Moradi o futsitse mmae.

Esekiele 16