12. ka kenya lesale nkong ya hao le masale ditsebeng, ka o rwesa le moqhaka o motle hloohong.
13. Wa ikgabisa ka kgauta le silefera; diaparo tsa hao ya eba tsa lene e ntle, le tsa sei, le tse homilweng. Wa nna wa ja lefi la phofo, le dinotshi, le ole; wa ba motle ka ho fetisisa, wa ba wa fihla boreneng.
14. Lebitso la hao la nna la tuma hara ditjhaba ka baka la botle ba hao, hobane bo ne bo phethehile ka bokgabane ba ka boo ke neng ke o apesitse ka jona: ho rialo Morena Jehova.
15. Empa wa nna wa tshepa botle ba hao, mme ka ho tshepa lebitso la hao wa nna wa boka, wa tshela bohle ba fetang ka bootswa ba hao, wa re, ke jwa bona.
16. Wa nka diaparo tse ding tsa hao, wa iketsetsa dinqalo tse diphahameng tse kgabisitsweng ka mebalabala, wa boka hona teng, e leng se neng se eso ho ka se etswa, se sa lokeleng le ho ba teng.
17. Wa nka mekgabo ya hao, e entsweng ka kgauta ya ka le ka silefera ya ka, eo ke neng ke o neile yona, wa iketsetsa ditshwantsho tsa banna, wa boka le tsona.
18. Wa nka le diaparo tsa hao tse homilweng ho di apesa ka tsona, wa bea ole ya ka le dibano tsa ka pela tsona.
19. Le tsona dijo tsa ka tseo ke neng ke o neile tsona, e le lefi la phofo, le ole, le dinotshi tseo ke neng ke o fepa ka tsona, wa di bea pela tsona ho di etsa monko o monate. Ha eba jwalo: ho rialo Morena Jehova.
20. Hape, wa nka bara le baradi ba hao, bao o neng o ntswaletse bona, wa ba hlabela tsona, hore di ba je. Na bootswa ba hao e ne e le ntho e nyenyane,
21. ha o bile wa hlaba bara ba hao, wa ba ntshetsa tsona hore ba tjheswe?
22. Leha e le manyaleng wohle a hao le bootsweng bohle ba hao, ha o a ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, tsa mohla o neng o le feela, o hlobotseng, o ntseng o sudubana mading a hao.Eitse hobane o qete bobe boo bohle,
23. ho madimabe, ho madimabe wena, ho rialo Morena Jehova!
24. o bile o ikgahetse meaho e didikwadikwe, o iketseditse dinqalo tse diphahameng mapatlelong wohle;
25. wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao makopanong wohle a ditsela, wa senya botle ba hao, wa phetlela bohle ba fetang ka tsela maoto a hao, wa atisa bootswa ba hao.
26. O bokile le bana ba Egepeta ba ahisaneng le wena, ba dinama di tiileng, mme wa atisa bootswa ba hao, hore o tle o nkgalefise.
27. Yaba ke otlollela letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka o neela matleng a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesta, ba neng ba le dihlong ka metsamao ya hao e ditshila.
28. O mpa o sa ka wa kgolwa ke tseo, wa boela wa boka le bana ba Assiria; le teng, leha o ba bokile, ha o a ka wa kgolwa.