Esekiele 14:5-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. ke tle ke tshware ba ntlo ya Iseraele ka dipelo tsa bona, hobane ba ntahlile bohle ho latela ditshwantsho tsa bona.

6. Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Sokolohang, le lahle ditshwantsho tsa lona, le lahle le manyala wohle a lona;

7. hobane leha e ka ba mang le mang wa ntlo ya Iseraele, kapa wa ba ditjhaba ba jakileng Iseraeleng, ya kgaohanang le nna, ya kgomarelang ditshwantsho tsa hae ka pelo ya hae, ya beang lebaka la kgopiso la bokgopo maloka le yena, a ntoo tla ho moporofeta ho mpotsa ka yena, nna Jehova, ke nna ke tla mo arabela.

8. Ke tla tonela motho eo mahlo, ke be ke mo timeletse, ke mo etse pontsho le polelo, ke mo kgaole setjhabeng sa ka, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

9. Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.

10. Ba tla jara bokgopo ba bona; seo bokgopo ba ya botsang bo tla ba sona, bokgopo ba moporofeta bo tla ba sona,

11. hore ba ntlo ya Iseraele ba se ke ba hlola ba nkwenehela, ba se ke ba hlola ba itshilafatsa ka meikgantsho yohle ya bona, e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona: ho rialo Morena Jehova

12. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:

13. Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,

14. ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.

15. Leha ke be nka tlisa dilalome tse bohale lefatsheng lena, tsa timetsa batho ba lona, la tla la senyeha ka baka la dibatana, motho a ba a sitwa ho feta ka lona,

16. banna bao ba bararo, ha ba ne ba ka ba teng ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara, kapa baradi ba bona; ba ne ba tla inamolela ba nnotshi; haele lefatshe, le ne le tla nne le senyehe.

17. Leha ke be nka tlisa lerumo lefatsheng lena, ka re: Lerumo a le ke le tsamaye le lefatshe, ka ba ka kgaola batho le dikgomo teng,

18. le hoja banna bao ba bararo ba ne ba ka ba teng ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara, kapa baradi ba bona, ba ne ba tla inamolela ba nnotshi.

Esekiele 14