10. Ba tla jara bokgopo ba bona; seo bokgopo ba ya botsang bo tla ba sona, bokgopo ba moporofeta bo tla ba sona,
11. hore ba ntlo ya Iseraele ba se ke ba hlola ba nkwenehela, ba se ke ba hlola ba itshilafatsa ka meikgantsho yohle ya bona, e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona: ho rialo Morena Jehova
12. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:
13. Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,
14. ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.
15. Leha ke be nka tlisa dilalome tse bohale lefatsheng lena, tsa timetsa batho ba lona, la tla la senyeha ka baka la dibatana, motho a ba a sitwa ho feta ka lona,
16. banna bao ba bararo, ha ba ne ba ka ba teng ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara, kapa baradi ba bona; ba ne ba tla inamolela ba nnotshi; haele lefatshe, le ne le tla nne le senyehe.
17. Leha ke be nka tlisa lerumo lefatsheng lena, ka re: Lerumo a le ke le tsamaye le lefatshe, ka ba ka kgaola batho le dikgomo teng,
18. le hoja banna bao ba bararo ba ne ba ka ba teng ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara, kapa baradi ba bona, ba ne ba tla inamolela ba nnotshi.
19. Leha ke be nka neela lefatshe lena lefu la sewa, ka le tshollela kgalefo ya ka ho fihlela madi a tsholoha, hore ke tle ke kgaole batho le dikgomo teng,