10. Ba tla jara bokgopo ba bona; seo bokgopo ba ya botsang bo tla ba sona, bokgopo ba moporofeta bo tla ba sona,
11. hore ba ntlo ya Iseraele ba se ke ba hlola ba nkwenehela, ba se ke ba hlola ba itshilafatsa ka meikgantsho yohle ya bona, e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona: ho rialo Morena Jehova
12. Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:
13. Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,
14. ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.