Esekiele 14:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba ho tla ho nna banna ba bang ba baholo ba Iseraele, ba dula pela ka.

2. Teng, lentswe la Jehova la ntlela, la re:

3. Mora motho, banna bana ba kgomaretse ditshwantsho tsa bona ka dipelo tsa bona, ba beile lebaka la kgopiso la bokgopo ba bona maloka le bona: Hleka nka dumela ho botswa ke bona na?

4. Ha ho le jwalo, o bue le bona, o re ho bona: Morena Jehova o re: Leha e ka ba mang wa ntlo ya Iseraele ya kgomaretseng ditshwantsho tsa hae ka pelo ya hae, ya beileng lebaka la kgopiso la bokgopo maloka le yena, ha a etla ho moporofeta, nna ke leng Jehova, ke tla mo arabela ka bongata ba ditshwantsho tsa hae;

Esekiele 14