Esekiele 13:8-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha le bua taba tsa lefeela, mme le bona pono tsa leshano, ke ya tla le lwantsha: ho rialo Morena Jehova.

9. Letsoho la ka le tla lwantsha boporofeta ba bonang mafeela, ba nohang mashano; ba ke ke ba eba le kopano le setjhaba sa ka, ha ba ka ke ba ngolwa bukeng ya ntlo ya Iseraele; ha ba ka ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.

10. Erekaha ba fela ba kgelosa setjhaba sa ka, ba re: Kgotso! athe ha ho kgotso, mme erekaha tjhaba sena se haha lerako, mme ba le dila ka seretse ...

11. ere ho ba dubang seretse seo se dilang: Lerako le tla heleha! Dikgohola di tla matha, mme lona, majwe a sefako, le tla wa; moya wa difefo o tla puka.

12. Mme bonang, ha lerako le heleha, ha ke re, ho tla thwe ho lona: Se kae seretse seo le le ditseng ka sona?

13. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Kgalefong ya ka, ke tla pukisa moya wa difefo; bohaleng ba ka, dikgohola di tla matha, kgalefong ya ka, majwe a sefako a tla wa ho timeletsa ruri.

14. Ke tla heletsa lerako leo le le ditseng ka seretse, ke le rapalatse fatshe, metheo ya lona e apolwe; le tla wa, mme lona le tla timeletswa kaofela hammoho le lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

15. Ke tla phethisa kgalefo ya ka ho lerako leo le ho ba le dilang ka seretse, ke ntoo re ho lona: Lerako ha le sa le yo, le ba neng ba le dila ha ba sa le yo;

16. e leng baporofeta ba Iseraele, ba neng ba porofetela Jerusalema, ba neng ba mmonela dipono tsa kgotso, kanthe ha ho kgotso: ho rialo Morena Jehova.

17. Haele wena, mora motho, lebisa sefahleho sa hao nqa ho baradi ba tjhaba sa heno ba porofetang ka ho rata ha dipelo tsa bona, o ba porofetele,

18. o re: Morena Jehova o re: Ho madimabe ba rokang mesangwana ya ho apesa dinoko tsohle tsa letsoho, ba etsang mesamelo ya dihlooho tse boholo bofe le bofe, hore ho tshwaswe meya ya batho. Na le re, le ka tshwasa meya ya ba setjhaba sa ka, le ntse le pholositse meya ya lona na?

19. Le ntlhompholotse pela setjhaba sa ka, ka baka la dikakolo tsa harese le dingwatho tsa bohobe, ka ho bolaya meya e neng e sa tshwanela ho shwa, le ka ho pholosa meya e neng e sa tshwanela ho phela, le ka ho thetsa setjhaba sa ka se mamelang leshano.

20. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ke hloile mesangwana ya lona eo le tshwasang meya ya batho ka yona, jwaloka hoja e le dinonyana; ke tla e hahola matsohong a lona, ke tle ke lokolle meya e tshwasitsweng, ke lokolle meya eo le e tshwasitseng jwaloka hoja e le dinonyana.

Esekiele 13