6. Ba nang le dipono tsa lefeela le bonohe ba bohata, ba re: Ho itswe ke Jehova! athe Jehova ha a ba roma, mme ba tshepile hoba o tla tiisa mantswe a bona.
7. Na ha le a bona pono ya lefeela, na ha le a bolela bonohe ba leshano, ha le re: Ho itswe ke Jehova! athe ha ke a ka ka bua?
8. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Erekaha le bua taba tsa lefeela, mme le bona pono tsa leshano, ke ya tla le lwantsha: ho rialo Morena Jehova.
9. Letsoho la ka le tla lwantsha boporofeta ba bonang mafeela, ba nohang mashano; ba ke ke ba eba le kopano le setjhaba sa ka, ha ba ka ke ba ngolwa bukeng ya ntlo ya Iseraele; ha ba ka ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.
10. Erekaha ba fela ba kgelosa setjhaba sa ka, ba re: Kgotso! athe ha ho kgotso, mme erekaha tjhaba sena se haha lerako, mme ba le dila ka seretse ...
11. ere ho ba dubang seretse seo se dilang: Lerako le tla heleha! Dikgohola di tla matha, mme lona, majwe a sefako, le tla wa; moya wa difefo o tla puka.
12. Mme bonang, ha lerako le heleha, ha ke re, ho tla thwe ho lona: Se kae seretse seo le le ditseng ka sona?
13. Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Kgalefong ya ka, ke tla pukisa moya wa difefo; bohaleng ba ka, dikgohola di tla matha, kgalefong ya ka, majwe a sefako a tla wa ho timeletsa ruri.
14. Ke tla heletsa lerako leo le le ditseng ka seretse, ke le rapalatse fatshe, metheo ya lona e apolwe; le tla wa, mme lona le tla timeletswa kaofela hammoho le lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.